Ngwana mahana a jwetswa

ebook

By Thabang Tsolo

cover image of Ngwana mahana a jwetswa

Sign up to save your library

With an OverDrive account, you can save your favorite libraries for at-a-glance information about availability. Find out more about OverDrive accounts.

   Not today

Find this title in Libby, the library reading app by OverDrive.

Download Libby on the App Store Download Libby on Google Play

Search for a digital library with this title

Title found at these libraries:

Library Name Distance
Loading...

Pale ena e hlahisa phephetso eo batswadi ba kopanang le yona ka malapeng, ha ba hudisa bana ba barwetsana le bahlankana. Bana ba bangata ba na le ho kgeloha ka lebaka la metswalle, ho sa kgathaletsehe hore ba hlaha malapeng a jwang kapa ba hudisitswe jwang. Ke tjena batswadi ba bangata ba seng ba na le ho kgethela bana ba bona metswalle. Hobane ba se ba hlokometse hore batjha ba hlolwa ke thotlolo, ebile ba rata setumo sa dintho tse hlokang molemo. Ba bang ba susumelletswa dinthong tse mpe ke ho batla hore ba seke ba shebahala eka ke dithotho, e hlahe e le ba bohlale le bona.

Tseko le yena o ile a iphumana a le ka hara mathata, a neng a le haufi le ho mo lahlela tjhankaneng dilemo. Ka lebaka la metswalle e sa lokang, eo mmae kgale a mo kgalemella ho tsamaya le yona. Empa ka lebaka la ho sa mamele o ile a fumana moputso wa hae, tseo ke ditlamorao tsa ngwana mahana a jwetswa.

Ngwana mahana a jwetswa